Sona, marung o s’a hlaha

Sona, marung o s’a hlaha

Sona, marung o s’a hlaha

Sona, marung o s’a hlaha
Moahloli oa batho
Oa hlaha. Jo, hoa tshabeha
Ke tsatsi le bohloko
Jo ‘na, Jo ‘na
Ke tsatsi le bohloko

O hlahile ka borena
Ka mara a maholo
Jo, o fahla le ka khanya!
Ke tsatsi le bohloko
Jo ‘na, Jo ‘na, …

Le mo tsebeng ka maqeba
Ke eena, eena Jesu
O n’a bolaeloe lona
Jo,tsatsi le bohloko
Jo ‘na, Jo ‘na

Ka lentsoe le mo tsebile
A le bitsa haholo
Empa ke kahlolo joale
Jo, tsatsi le bohloko
Jo ‘na, Jo ‘na

O tseba tsa lona tsohle
Liphiri, makunutu
Bukeng tsa hae li ngoliloe
Jo, tsatsi le bohloko
Jo ‘na, Jo ‘na

Na u re’ng, moetsalibe
U eme kae kajeno?
Baka se se se felile
Jo, tsatsi le bohloko
Jo ‘na, Jo ‘na

Tagged

You cannot copy content of this page