Re rata ha re ka bona

Re rata ha re ka bona

Re rata ha re ka bona

Re rata ha re ka bona
Jesu,letsatsi la rona
Taba tsa hae ke leseli
le lelekisang lefifi.

Re khelohile hakaakang!
Re tla botsa tsela ho mang?
Tsela ya ‘nete ke Jesu;
Tlong, a re ‘matleng, ba heso.

Baitshephi ba lahleha
Ba leng boi ba teneha
ha ho bohlale ho batho
Le matla a sieo koano.

Ea sa rateng ho timela
A latele Jesu feela
A se ke a tshaba letho
A hlobohe tsa bokhopo

Leha batho ba mo tshwenya
ha ba ka ke ba mo senya
Jesu a ka tlohela joang
Bana ba hae ba mo ratang?

Ea itshepetseng Morena
O tla pholoha ho eena
O tla kena leholimong
A lule lehlohonolong

Jesu, ‘Moloki e motle
Tlosa ho ‘na libe tsohle
ke fetohe ka tumelo
ke itshabise timelo.

Tagged

You cannot copy content of this page