Nyakallang lefatsheng lohle Hymn Lyrics

Nyakallang lefatsheng lohle Hymn Lyrics

Nyakallang lefatsheng lohle

Nyakallang lefatsheng lohle
Lona ba senyehileng
Jesu o batla kahohle
Batho ba lahlehileng
Ba fetohe(Bis)
Ba sokolohe bobeng

Molao oa ‘Moloki o teng
Ho barutuoa kaofela
Hore ba ise lichabeng
Litaba tsa ho phela
Batho bohle (Bis)
Ba bolokehe ho shoeng

E-eang, le re, ke ba shoetse
Ke ba lefetse libe
Le Satane ke mo hlotse
Matl’a hae a fedile
Sefapanong (Bis)
Topollo e hlahile

Utloang lentsoe le molemo
Le rometsoeng ke Jesu
Le le kuke ka tumelo
Ke le phedisang batho
Matl’a lona (Bis)
A ka fetola pelo

Tumisang joale hosanna!
Molim’o re etetse
Bophelo rea bo fumana
Jesu o bo tlisitse
Ba Sione (Bis)
Tlong, re mo lumelise

Jesu, thusa lentsoe la hao
Le hasane lefatsheng
Bohle re hopole molao
Oo re o boleletsoeng
Re phakise (Bis)
Ho bontsha ba lefifing.

Tagged

You cannot copy content of this page