
Ntate, ha ke sa sepela Hymn Lyrics
Ntate, ha ke sa sepela
Ntate, ha ke sa sepela
Hole le lehae la heso
U nthuse ke tsebe ho re:
Ho lokile! *2
See u nkadimileng sona
Ha u re ke se busetse
Le teng ke tla leka hore :
Ho lokile! *2
Leha u re, ke lesane
Le ba ratoang ho fetisa
Le moo, ke sa leka ho re:
Ho lokile! *2
Leha lefu le bohale
Le khaola tshiu tsa ka
Ke sa ntse ke leka ho re:
Ho lokile*2
Feela, ha ke na le uena
Bohlokolong le lihlorisong
Hohle, Ntate, ke ntse ke re
Ho lokile *2