Naha e teng Hymn Lyrics

Naha e teng Hymn Lyrics

Naha e teng

Naha e teng e ratehahang
E kenoang ka balopolloa
Ke rata ho ea kena teng
Ntjoetse, na ke tla lumelloa?

Menate eohle ea libe
Ruri ha ke e lakatse
Ke lakatsa ho hong feela
Ho hong feela leholimo!

Tsoalo la ka le ntsabisa
Le re, be tsa ka li ngata
Li ntso, li mpe, li ka sita
Mali a jesu a matle
Menate eohle ea libe ….

Sera se ntse se ntsietsa
Hase le ho mpelaetsa
Se re ha ke na ho kena
Ke ntsa ke soabisa Moea
Menate eohle ea libe …

Ke mpa ke ntsa ke itiisa,
Ke tadima Jesu feela
Ha a re ho’na: u ntshepe
See nka se tshohang ke sefe?
Menate eohle ea libe …

Moren’aka, ke a leboha
Ha u itse: Le tle ho’na
Lona bohle ba khathetseng
Ba imeloang! Ke ‘ na e mong
Menate eohle ea libe …

Tagged

You cannot copy content of this page