Naa ke bomang mose ledibohong Hymn Lyrics

Naa ke bomang mose ledibohong Hymn Lyrics

Naa ke bomang mose ledibohong

Naa ke bo mang mose ledibohong
Ba hlohlorang role la lebitla?
Ba lesedi, ba kganya
Ba meqhaka dihlohong

chorus:

Bohang seema, ha ba hlaha ka kgoro
Jerusalema e mocha
Pina tsa bona tse tliswang ke nyakallo
Ke madi a konyana

Ke ba tswileng tshileng tsa manyala
Ho boleng ha lebitla la sebe
Jwale ha ba hlwekile
Ke madi a konyana

chorus

Ke ba tswang mokgathaleng wa dintwa
Bodibeng ba di dillo le di hloreho
Jwale ha ba hlwekile
Ke madi a konyana

chorus

Ke moo ba emeng ka dipalema
Ba apereng bosweu, lesedi
‘Me ha ba hloka kodi
Ke madi a konyana

Ke sehou sa mefutafuta
Ba tswa dipheletsong tsa lefatshe
Bohle ba lopolotswe
Ke madi a konyana

chorus

O, Monghadi, o ntumelle le’na
Ke phakise, ke habe, ke fihle
Nhlatswisise ke hlweke
Ke se ke ka roneha

another chorus:
E, ke tla ba teng ho ba kenang ka kgoro
Jerusalema e mocha
Ha ke bina teng le bona ka nyakallo
Ke madi a konyana? Amen

Tagged

You cannot copy content of this page