Molisa ea batlang linku Hymn Lyrics

Molisa ea batlang linku Hymn Lyrics

Molisa ea batlang linku

Molisa ea batlang linku
Tse thobileng makhulong
U li bohise maoto
A hlabiloeng topollong(bis)

Li qhaliloe ke Satane
O sa li shoela mona
O li neela libatana
Li haroloe ke tsona(bis)

U phakise ho li lata
Li tle ho uena tsohle
Metsing a se nang lerata
Malibohong a matle (bis)

U li bokelle hammoho
Ka mohlape o le mong
Li tsamaee ka teboho
Meepeng e isang hae(bis)

Mefuta ke e mengata
Pelo tsona li be ling
Bohle ba tshepang bohata
U ba busetse ‘neteng(bis)

Hopola Iseraele
Ea ineetseng tahleho
Leseli le mo hlahele
A tutubolloe mahlo(bis)

Hopola bana ba Kama
Le bona u ba late
Ba phakise ho khumama
Ba u rapele, Ntate

Tagged

You cannot copy content of this page