Winnie Mashaba – Tsiu Tsaka Lyrics

Winnie Mashaba – Tsiu Tsaka Lyrics

Lyrics For Tsiu Tsaka by Winnie Mashaba

Ditshiu tsa ka dia phalla,
‘Me di feta kapele;
Hape ha di na ho kgutla,

Ha di se di fetile.
Ledibohong la Jordane
Le ‘na ke sa ya, ke sa ea fihla;
Ke bonela mose oane

Ba heso ba tsoa tshela.
Nka soaba ke’ng ho tlohela
Fatshe la matshwenyeho?
Ke qetoa ke mokgathala,
Ha ke tsebe phomolo.
Ledibohong la Jordane, …

Leha ke sa le hlorisong,
Lefifing le leholo,
Ke lebile lehodimong,
Che, ha ke fele pelo.
Ledibohong la Jordane, …

O, ke thabile hakaakang!
Ke ntse ke atamela;
Pina tsa hae tse kgahlehang
Di se di utloahala,
Ledibohong la Jordane, …

Ke ntse ke tiile, ke loana,
Ke ntse ke fadimeha,
Ho se ho se hokae le ‘na
Hae ke ea kgatholoha.
Ledibohong la Jordane, …

You cannot copy content of this page