Cover art for Hymn: Galefo ya hao Morena Lyrics

Hymn: Galefo ya hao Morena Lyrics

Album25396 Views1

Hymn Lyrics For Galefo ya hao Morena

Galefo ya hao Morena,
E ntlohele,
O itshware bohale,
O lese ho ngalefela;
kea fela
Tlas’a dikotlo tsa hao.

Metsu ya hao e ntlhabile
Ka bohale;
E kene le masapong.
Letsoho la hao le thata,
Le boima
Na le tla nkisa Lefung?

Nama ya ka e fedile,
E omile,
Ka moo ke shweleng ka teng,
Ke lemohile melato
E meholo,
Ke e entseng ho wena.

Dibe tsaka ke manyala
Di a nsita;
Letswalo le nqetile,
Maqeb’a ka ke a kgale,
A bodile;
Kgale le senyehile.

Morena, mpone meogo
E bohloko
E sekang mahlong a ka.
Ke a rapela, o Mfodise,
O mphedise,
Ke tsebe ho iketla.

Submit lyrics

Send us the lyrics. Every submission is reviewed before it goes live.

JPG, PNG or WebP, up to 3 MB.