Hymn: Ea hlolang (utloang taba e monate) Lyrics

Hymn: Ea hlolang (utloang taba e monate) Lyrics

Hymn Lyrics For Ea hlolang (utloang taba e monate)

Ea hlolang ( utloang taba e monate )
O tla kena motseng oa phatsimo,
A je le litholoana tsa sefate
Se ka parateising ea Molimo
Ea lutseng teroneng o tla mo lisa,
Ha a sa tla hlaheloa ke ho lla;
Le eona konyana e tla mo isa
Lilibeng tsa metsi a ho phela.

Ea hlolang a ke ke atseba lefu
La bobeli, le nang le ho tšajoa
O tla ema a apere bosoeu
Makhotleng a binang alleluia.
Ba tšoere lipalema tsa ho fenya,
Jesu bam o rorisa hammoho,
Ba ’minela lifela, ba tilinya
Liharepa nyene le bosiu.

ea hlolang o tla ngoloa ke Morena
Bukeng ea ho phela, leholimong;
Le phatleng o tla roesoa lehlakana
Le lohetsoeng ba ntšitsoeng tahlehong
Jesu ke eena ea tla mo khorisa
Ka manna a moea a patiloeng;
Le tulong sa hae o tla mo lulisa,
A buse le eena ho sa feleng.

Tse re sitang, li re feta ka matla,
Ke lira tse ngata, tse tšabehang:
Sebe, nama, lefatše le makhotla
A Satane; re ka a hlola joang?
Re k‘a hlola ka mali a Konyana
E hlabetsoeng röna sefapanong;
Ha re ntse re itšoarella ka eena,
Re tla hlola, re kene bophelong

 

You cannot copy content of this page