Hymn: E u motle, ua rateha Lyrics

Hymn: E u motle, ua rateha Lyrics

Hymn Lyrics For  E u motle, ua rateha

E, u motle, ua rateha,
Khale ke u tsoetse pelo;
U khabane, ua tlotleha;
Kea u rat, uena Jesu.

Ke uena Emmanuele,
Molimo; u nkile botho;
Matla, hloeko, le bohlale
Li khanya ho uena Jesu.

U apere bonyenyane,
U tle u fihlele batho;
U bile lekhabunyane
Har’a bona, uena Jesu.

Bomolimo ba sebele
Bo koaheloang ke bohloko,
Bo ntse bo thopohela ntle,
Bo u bentsa, uena Jesu.

le ‘na nka u atamela
Ke sa fahloe ke boholo;
U molimo kea u tshepa,
Kea u rata, u oa heso.

You cannot copy content of this page