Hymn: Bonang Sefapanong Lyrics

Hymn: Bonang Sefapanong Lyrics

Hymn Lyrics For Bonang Sefapanong

Bonang sefapanong
‘Moloki wa batho,
Ho re lopolla tahlohong
A ineela lefu.

A shwa ke lerato
Lee a re ratileng;
A re jarela thohako,
Re lokollwe dibeng.

A tsoha boimeng
Ba dibe tsa rona;
Lefu a le utlwa moeeng,
Le tshiu ya lona.

Digororo tsa hae
Ke phophi tsa madi;
Serapeng sa Gethsemane
Tsa rothela fatshe.

Mora wa Modimo
A tliswa Golgotha;
Ka ho jara sefapano
A fediswa matla.

A rweswa Mmitlwa
A phungwa maoto;
Dibe tsa rona di a utlwa
Ho ba di bohloko.

A fehwa sefateng,
A nyaroha hampe.
Ba mohlaba lehlakoreng
Ka rumo le lebe

Empa ho fedile
Molao o phethilwe;
Madi jwale a lefile,
Tsohle di lokile.

You cannot copy content of this page