Lentsoe la hao ke lebone Hymn Lyrics

Lentsoe la hao ke lebone Hymn Lyrics

Lentsoe la hao ke lebone

Lentsoe la hao ke lebone
Le letle, le benyang
Ha lefifi le thibane
Ke seli le khanyang
Ke letlotlo le lekaakang!
Ke le thabetse
Ke monono o fetisang
Ntho tsohle tse ling

Ke le mponesetsang tsela
Le nthutang tshoanelo
Le nkhannang ha ke kheloha
Le ntjesang letsoalo
Ke letlotlo le lekaakang!…

Ha ke sa ntse ke hlahlatha
Ntate, u khutsitse
Ke mang ea neng a ka nthusa?
Ke se ke tsietsoe
Ke letlotlo le lekaakang!…

Oho, Ntate, tlosa lera
Le mphifatsang mahlo
Ke tsebe ho le latela
Seli le mohlolo!
Ke letlotlo le lekaakang!…

Tagged

You cannot copy content of this page