Jo, lefifi le lekaakang

Jo, lefifi le lekaakang

Jo, lefifi le lekaakang

Jo, lefifi le lekaakang
Le aparetseng lefatshe
Jo, botsho bo hlomolisang!
Le tla chaba neng letsatsi?

Naleli entle ea meso
Hlaha, khaola lefifi!
re lebeletse ka tshepo
Ho ela ha mechaeli

Oho, tsatsi la ho loka
Ka nako, thuntsha mafube
Chaba fatsheng la Afrika
Fatshe la bomalimabe!

Hasa, hasa phatlalatsa
Seli la hao le molemo
Phatsima, benya, phahama
Tsatsi le letle la Ntate!

Felisa riti tse lihlong
Mekhoa, bosoro le maki
Ho lokolloe ba litlamong
Batho ba khotseng masoabi!

Liphahama li nyakalle
Ka uena, moathameleng
Le likhohlo li binele
Leseli le li fihletseng!

Aparela ngalo tsohle
Ka khanya le ka mohau
Kahohle ho utloahale
Thoko tsa ‘Moloki Jesu!

Tagged

You cannot copy content of this page