Jesu, rato la hao Hymn

Jesu, rato la hao Hymn

Jesu, rato la hao

Jesu, rato la hao
U mphile lona
Ke molata oa hao
Ke tla u fa’ng?
Ke inea uena
Ka ‘mele le moea
Ke ntsha hanyanyane
U mpha tsohle.

Ntaele Morena
Ke mofo oa hao
Thato ke tla etsa
Ea hao eohle
Ha e ka nkimela
Lumela, u ntlatse
Le ho sitoa ha ka
U ntshoarele

Ke be motshepuoa
Sechabeng sa hao
Esita le mona
Fatsheng lena
Nke ke u khahlise
Ke iketse mora
U tl’u khahloe ke ‘na
Moren’a ka

Sefapano sa ka
Ke tla se jara
U le ka mora ‘ka
U ntjarisa
Ho timele bo-’na
Ho tsoaloe bo-uena
Ho tl’o ahe ha ka
Uena fela

Tagged

You cannot copy content of this page