
Ho rorisoe rato lena Lyrics
Ho rorisoe rato lena
Ho rorisoe rato lena
Le re kopantseng hammoho;
leha re ka arohana
Pelo tsona li teane
Ha re khomaretse Jesu
Re ratana le ba heso,
Ho banahala ka hona
Hoba re busoa ke Moea.
A r rateng, re lakatseng
Jesu feela, re mo tiiseng;
Litabeng tsohle tsa rona
Re tsamaisoe ke eena
Amen!