Bonang, ho hlahile marung Lyrics

Bonang, ho hlahile marung Lyrics

Bonang, ho hlahile marung

Bonang, ho hlahile marung
ea shoetseng batho khale
o tla khutla leholimong
ho phutha batho bohle.

Alleluyah
Lumelanng, Alleluyah!

Bahlabaneli ba Jesu
Ba bapile le eena
Mahlo a bona ke metsu
Ba loanela Maorena.

Alleluyah
Lumelanng, Alleluyah!

Mafatshe a thothomela
Mafika a petsoha
Le linaledi tsa oela
Letsatsi la fifala.

Alleluyah
Lumelanng, Alleluyah!

Utloang ho hlajoa mokhosi
Oa ho tsoa ha shoeleng
Ba mengoa ke Moahloli
Ba tsoa bohle mabitleng
Alleluyah
Lumelanng, Alleluyah!

Lumelang, bana ba me
Lona bohle ba nthatang
Sieang mobu, le phahame
Tlong ho ‘na, atamelang

Alleluyah
Lumelanng, Alleluyah!

Tagged

You cannot copy content of this page