Tlong ho Jesu Hymn Lyrics

Tlong ho Jesu Hymn Lyrics

Tlong ho Jesu

Tlong ho Jesu, le tle kapele
Lentsoe la hae le supa tsela
Le eena o teng ka sebele,
O nts’a re : Tlong ho’na.

Re tle thaba ha re kopana
Relopolotsoe sebeng sohle
Ha re kopana le Morena
Ha hae ka sebele.

Utloang O nts’a re: Lesang bana,
Le ba lesele ho tla ho’na.
Helang, baetsalibe, thabang,
Se luleng, phakisang.

Re tla thaba ha re kopana …

Ikhetheleng eena kajeno
Oho ineeleng eena Jesu
Le fumane khotso le thabo
Le bona bophelo

Re tla thaba ha re kopana …

Le har’a rona hona joale
E, Jesu o teng ka sebele
O nts’a re laea, o nts’a bitsa
O nts’a re: Tlong ho’na

Re tla thaba ha re kopana …

A ka ba teng na ea mo hanang,
Ana ke mang ea ka liehang?
O nts’a u bitsa ka qophello;
Oho ngoan’eso, tlo!

Re tla thaba ha re kopana

Tagged

You cannot copy content of this page