Pel’a tulo se tshabehang

Pel’a tulo se tshabehang

Pel’a tulo se tshabehang

Pel’a tulo se tshabehang
Sa borena ba Jehova
Bohle, batho, atamelang,
Anang ka ho thothomela!(bis)

Le mo tsebe, ke Molimo
Ke ‘Mopi oa lintho tsohle
Machaba, marena, bafo
Pel’a hae e ka lerole(bis)

Oa laea, oa khalemela
Ho se ea ka mo fetolang
Oa phelisa, oa timetsa
O etsa kamoo a ratang(bis)

Empa ho eena lerato
Le khanya joale ka matla
Le timetsa mehopolo
Hape, ha le na ho fela (bis)

Morena, u re bopile
U re baballa ka matla
Ntate, u re bolokile
Ha re sa na ho timela(bis)

Re tla phahamisa mantsoe
‘Moho le machaba-chaba
Bohle, ka pelo e le ‘ngoe
Ka mehla re tla u boka(bis)

Tagged

You cannot copy content of this page