Molimo o mosa Hymn Lyrics

Molimo o mosa Hymn Lyrics

Molimo o mosa

Molimo o mosa
Rea leboha
Ha u re file sebaka
Sa ho hlaha mona
Tlotlisoa Morena

Bitso la hao le tlotlisoe

U holisoe hohle, hohle
U tsejoe ke batho bohle
Ba tla kena mona

Mosebetsi ona
O moholo-holo
Oa ho emisa ntlo ena
Joale o phethiloe
Tlotlisoa …

U re file matla
Ra ntsha ntho tsa rona
Uena, hlohonolofatsa
Mofufuts’oa rona

Tlotlisoa …

Tempele ke ena
E khethetsoe uena
Kena ho eona Morena
U lule ho eona
Tlotlisoa …

E hahetsoe uena
U e halaletse
E ke e hloke litshila
Ke ea hao, e rue!
Tlotlisoa…

Tagged

You cannot copy content of this page