Hymn: A re eteleng Bathlehema Lyrics

Hymn: A re eteleng Bathlehema Lyrics

Hymn Lyrics For A re eteleng Bathlehema

A re eteleng Bethlehema,
go bona ngwana e motle
ya hlahileng bosigong bona,
Hore go thajoe kahohle;
Makgotla a dikete—kete
A mo rorisa sebakeng.
Tsatsi lena ke la mokete;
Tlong, löna bohle, a re eeng! (bis)

Se ‘matleng matdung a borena,
Che, ha se moo a tswaletsweng;
Atamelang sejelo sena
Moo ‘m‘a hae a mo beileng teng.
O hlahile ka bofutsana
Le ka boikokobetso;
Athe e le yena Morena,
Ke yena Mor‘a Modimo. (bis)

Lebohang hle, bana ba heso,
Lesea le tlang ka mosa;
Lebitso la löna ke Jesu,
Le tlile go re pholosa.
Ke yena sedi la dichaba.
Ke tshepo ya ba timetseng.
Mo amoheleng ka go thaba
Ngwana eo ya le etetseng! (bis)

You cannot copy content of this page