Letsatsi la hao

Letsatsi la hao

Letsatsi la hao

Letsatsi la hao, Morena
Le ntse le atamela
Le leholo, le tshabeha
La ho tla nka borena
U itse u tla lekisa
Sholu la bosiu
Ke hona nako ea hao ea ho tla
E sa tsejoeng ke motho
Raohang bakreste, le lebelle
Morena

Matheka a lona a tlangoe
Lampi tsa lona li tuke, li khanye
Le emise lihloho tsa lona
Le lelale holimo, holimo
Topollo ea lona ke ena
Nyakallang, lebohang!
E phethehile ntoa ea lona
Alleluya!

Ikhetheng ho ba litshila
Le tsoeng ka har’a bona
Baballang aparo tsa lona
Li hloke le letheba
Tshabang, esere mohlomong
Tsatsi la tlokotsi
La le oela le sa le borokong
Libe li le imetse
Raohang, bakreste, le lebelle…

Tagged

You cannot copy content of this page