Ke ngoan’a hao Hymn Lyrics

Ke ngoan’a hao Hymn Lyrics

Ke ngoan’a hao

ke ngoan’a hao, bitso la hao le rokoe
Moren’a ka , ke ineela uena
Ke ngoan’a hao, kea u rata, ke a boka
Ke ngoan’a hao, ke ngoan’a hao

Pelong ea ka ke ne ke belaela
Ke sa kholoe, ke lebella tsuo
Seli la hao la ba la mpontsha tsela
Ke ngoan’a hao *2

Khale ke ne ke busoa ke lefatshe
Joale Jesu o ‘nea molao
Ke thabile, pelo ya ka e khotsoe
Ke ngoan’a hao*2

Ho uena, ke re, ke bone bophelo
Ke amohetsoe ke rato la hao
‘Me kajeno ke u neile pelo
Ke ngoan’a hao, ke ngoan’a hao.

U ntalimile ha ke sa le hole
Ua nkhahlanyetsa ka rato la hao
Ntate, joale, ke re, ak’u ntshoarele
Ke ngoan’a hao, ke ngoan’a hao

Ho uena ke bone lintho kaofela
Tsohle ka li rua ka tumelo
Sefubeng sa hao, joale, kea phomola
Ke ngoan’a hao, ke ngoan’a hao

Bitso la ka, kajeno o le ngole
Le se ke la tloga bukeng ea hao
Nako ea ka ha e fihla, u nthole
Ke ngoan’a hao*2

Fatsheng lena, moo u reng ke lebelle
Ke ntse ke re, Jesu ke ngoan’a hao
Leholimong, moo u reng ke finyelle
Hohle ke ntse ke le oa hao!

Tagged

You cannot copy content of this page