Ke moeti, ke le tseleng Hymn Lyrics

Ke moeti, ke le tseleng Hymn Lyrics

Ke moeti, ke le tseleng

Ke moeti, ke le tseleng
Ke feta ke tsamaea
Leha tsela e bothateng
Ke lebile hae.
Fifi lona le ka ba teng
Nka ‘na ka tsieleha
Ana nka belaela ke’ng
Ke lebile hae.

Mona ke’musong oa lira
Makhotla a ntikile
A rora, ke tsoela pele
Ke lebile hae
Mohlomong ke fela pelo
Kea imeloa, kea lela
Leha ho le hotsho hotsho
Ke lebile hae

Ke melekong ka matsatsi
Ke hlora, ke teneha
Ke mpa ke sa qopheletse
Ke lebile hae
Le ha tlala e mpolaea
Ke tsoile litlhabela
Ke khathala, ke nyelisoa
Ke lebile hae

O teng ya ntlosang bolutu
Ea ntjarelanh bothata
Ha ke mong, ke na le Jesu
Ke lebile hae
Oa mpoloka, oa nqobela
O mphemisa maraba
Ka khotso ke ntse ke fenya
Ke lebile hae

Li se li tla ba morao
Tsa tsela, tsa kajeno
Mahloko le matshoenyeho
Ke ea fihle hae
Jo, thabo e tla ba kaakang
Ha ke bona Morena
E le eena ea ntlhapisang
Ke fihlile hae!

Tagged

You cannot copy content of this page