Jesu Mong’ a ka

Jesu Mong’ a ka

Jesu Mong’ a ka

Jesu Mong’a ka u filoe borena
Leholimong le lefatsheng
Kahohle-hohle le ka ho sa feleng
Ho ea ‘ne ho buse uena
Lebitso la Jesu
Le bokoe le rorisoe hohle
Bitso lena la Jesu le ratehang
Ho rona le letle, le letle

Lebitso la hao le tla tuma hohle
Lipheletsong tsa lefatshe
Ho tla ‘ne ho hasoe lona le ‘notshi
Lebitso la hao le letle
Lebitso la Jesu …

Merabe-rabe le tsohle liboko
Ba mefuta ba hloeaneng
Ba ea kopana ka lentsoe le le leng
Ho u fapha ka lithoko
Lebitso la Jesu …

Ha ba roka, ba neeletsana
Leholimo ha le khutse
Le tshoara lithoko tsa ba lefatshe
Ho tumisa Morena
Lebitso la Jesu…

Lebitso la hao a le ke le hole
Molaoli oa marena
U filoe ‘muso, le hlompho, le khanya
Bohle ba u ananela
Lebitso la Jesu …

Tagged

You cannot copy content of this page