Jehova, Modimo oa Iseraele

Jehova, Modimo oa Iseraele

Jehova, Modimo oa Iseraele

Jehova, Modimo oa Iseraele
U re falalitse lefifing la pele
Re thaba haakang ha re u khumamela
Ka jeno re batho, re tseba ho rapela

Maoto a khotso, a tsoang ho Monghadi
A tlile Lesotho, lefatsheng la madi
A re a sa ahlaha, Satan’a thothomela
Mokhosi oa khutsa, lira tsa re bakela

Mahaheng a matsho, thakong tsa ledimo
Ho binoa sefela se bokang Modimo
Naha ea nyakalla, e kgabile ke metse
Nala e hlahile bakeng sa ditsietsi

Ba neng ha qhalane ba boela ha habo
Ba diqhobosheane ba ba nka ka thabo
Leqheku le akoa ke tloholo tsa lona
Di tla di hodile, ho bokoe Mong’ a bona

E, dipoko tsohle di hlabe hodimo
Ho uena, Jehuva, Morena Modimo!
Re sechaba sa hao, se ratiloeng ke Jesu
Tiisa ‘muso oa hao fatsheng lena la heso.

Tagged

You cannot copy content of this page