Ha ke ne ke itshela ka likhapa Hymn Lyrics

Ha ke ne ke itshela ka likhapa Hymn Lyrics

Ha ke ne ke itshela ka likhapa

Ha ke ne ke itshela ka likhapa
Ke phatloha ke letsoalo
Jesu a mpona, a ba a ntshibolla
A mphedisa, a mpha le khotso

Ke khotso ea Jesu
E fetang le kutlo ea motho

‘Me esale, le joale ‘a bo-joale
Ke tsamaea ka nyakallo
Tsa lefatshe ha ke li belaelle
Moe’a ka o khotse ke khotso

Ke khotso ea Jesu, …

Leha, ke tetema, ke rerekela
Ke atetsoe ke meleko
Bogareng ba ka ke ntse ke iketla
Ka mehla, ka mehla ke khotso

Ke khotso ea Jesu, …

Leha ke lla, ke ferekane pelo
Ke thibane mehopolo
Sera se nteka habohloko-hloko
Moe’a ka o nts’o na le khotso

Ke khotso ea Jesu, …

Ke monyaka oa ka litshiu tsohle
Ke fasheng la ma tshoenyeho
Bofumeng, lefung, ha ke belaele
Ke khotso e tletseng, ke khotso

Ke khotso ea Jesu, …

Tagged

You cannot copy content of this page